Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:9 - BIBELE

9 “Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:9
17 Referencias Cruzadas  

Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.”


Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.


Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.


Ho se be moprista ya tla nwa veine ha a kena ka lebaleng le kahare.


ba ineeletse ho etsa bootswa.” “Veine e ntjha le veine ya molatsa e hlokisa tjhaba sa ka kelello.


Morena a bua ho Arone, a re:


“ ‘E tla ba molao wa mehla yohle, melokong yohle ya lona, diahelong tsohle tsa lona, hore le se ke la ja mafura kapa bobete.’ ”


Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine.


o tla ila veine le jwala. A se ke a nwa asene e entsweng ka veine, kapa a nwa asene e tahang. A se ke a nwa lero la morara. A se ke a ja morara o motjha kapa wa mangangajane.


hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.


Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang.


E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.


Ka mokgwa o jwalo, eka kgona basebeletsi ba kereke ba be le boitlhompho, e se be bo-temepedi, ba se hlanyetse dino, kapa ba ithuisa ka mano.


Kgaotsa ho nwa metsi feela, o mpe o nwe le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la ho kula hangata.


Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos