Levitike 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano. BIBELE Pohwana ena a e hlabele kapele ho Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba bee madi kapele ho Morena, ba nto foka mahlakore kaofela a mane a aletare e pela monyako wa Tente ka madi ao. |
ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.
Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.
Yaba o re ho nna: Mora motho, Morena Jehova o re: Ke tsena ditaelo tsa aletare letsatsing leo e tla etswa ka lona, hore ho tle ho hlajwe ho yona setjheso, mme e fafatswe ka madi.
O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.
Moprista o tla e hlahisa aletareng, mme o tla e tweba hlooho ka lenala, a ntoo e tjhesa aletareng, madi a yona a rothisetswe lehlakoreng la aletare.
O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.
Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.
o tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, mme o tla e hlaba pela tente ya pokano; bara ba Aarone ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.
O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.
a bee letsoho la hae hodima hlooho ya sehlabelo seo sa hae, a se hlabe pela tente ya pokano, mme bara ba Aarone ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.
O tla bea letsoho la hae hloohong ya podi ya sehlabelo sa sebe, mme o tla e hlaba nqalong ya ditjheso.
A bee letsoho la hae hloohong ya nku ya sehlabelo sa sebe, a e hlabe bakeng sa sebe sa hae moo ho hlabelwang ditjheso.
Moprista o tla bea madi a mang manakeng a aletare ya dibano tse nkgang hamonate, e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng a poho, o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e emeng pela monyako wa tente ya pokano.
Ke tla kgahlanyetsa Jehova kang, ke iname pela Modimo o phahameng? Na ke tla mo kgahlanyetsa ka ditjheso le ka manamane a selemo se le seng?
Empa o se ke wa lopollisa letsibolo la kgomo, leha e le letsibolo la nku, leha e le letsibolo la podi, hobane ke dintho tse kgethehileng. O tla tshollela madi a tsona aletareng, o tjhese mafura a tsona; ke sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Haele moprista e mong le e mong, o ntse a ema ka matsatsi wohle ho sebeletsa Modimo, mme o hlahisa hangata mahlabelo a le mang, a sa tsebeng le hanyenyane ho tlose dibe.
ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.
ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.