Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 4:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 O tla bea letsoho la hae hloohong ya podi ya sehlabelo sa sebe, mme o tla e hlaba nqalong ya ditjheso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya podi eo, mme a e hlabele moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 4:29
10 Referencias Cruzadas  

Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.


Ba ntoo tlisa diphooko tsa sehlabelo sa sebe pontsheng ya morena le pontsheng ya morena le pontsheng ya phutheho; ba bea matsoho a bona hodima tsona.


O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.


A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.


Baholo ba phutheho ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho, pela Jehova, mme poho e tla hlajwa pela Jehova.


E tla bea letsoho la yona hloohong ya podi, mme e tla e hlaba moo ho hlabelwang ditjheso teng, pela Jehova; ke sehlabelo sa sebe.


A bee letsoho la hae hloohong ya nku ya sehlabelo sa sebe, a e hlabe bakeng sa sebe sa hae moo ho hlabelwang ditjheso.


O tla tlisa pohwana eo pela tente ya pokano; o tla bea letsoho la hae hloohong ya pohwana eo, mme o tla e hlaba pela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos