Mikea 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Ke tla kgahlanyetsa Jehova kang, ke iname pela Modimo o phahameng? Na ke tla mo kgahlanyetsa ka ditjheso le ka manamane a selemo se le seng? Ver CapítuloBIBELE6 Ke tla tla ke nkile eng ha ke eya ho Morena? Ke tla obama jwang kapele ho Ya Hodimodimo? Na ke tla fihla ke nkile nyehelo ya setjheso, ke nkile nyehelo ya manamane a selemo? Ver Capítulo |
Haele setjhaba, ha se etla pela Jehova ka diphutheho tse mahlonoko tsa sona, ya tla kena ka tsela ya monyako o ka nqa leboya ho tla kgumama, o tla tswa ka tsela ya monyako o ka nqa borwa; mme ya tla kena ka tsela ya monyako o ka nqa borwa, o tla tswa ka tsela ya monyako o ka nqa leboya; ba se ke ba kgutla ka tsela ya monyako oo ba keneng ka wona, ba mpe ba tswe ka monyako o leng maloka le bona;
a lelekiswa hara bana ba batho, pelo ya hae ya etswa e tshwanang le ya phoofolo, a dula le dipitsi tsa naha, a fula jwang jwaloka kgomo, mme mmele wa hae wa kolobiswa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela nako eo a tsebileng ka yona hoba Modimo o hodimodimo ke wona o nang le mmuso hodima borena ba batho, le hoba o bea eo o ratang ho mmea ho jona.