Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 6:6 - BIBELE

6 Ke tla tla ke nkile eng ha ke eya ho Morena? Ke tla obama jwang kapele ho Ya Hodimodimo? Na ke tla fihla ke nkile nyehelo ya setjheso, ke nkile nyehelo ya manamane a selemo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke tla kgahlanyetsa Jehova kang, ke iname pela Modimo o phahameng? Na ke tla mo kgahlanyetsa ka ditjheso le ka manamane a selemo se le seng?

Ver Capítulo Copiar




Mikea 6:6
39 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o bitsa Bagibeone, o re ho bona: “Ke le etsetse eng? Tefelo nka e etsa ka eng, e le hore le tle le hlohonolofatse setjhaba seo e leng lefa la Morena?”


Ke tla buseletsa Morena kang, bakeng sa melemo yohle eo a nketseditseng yona?


hobane puso ke ya Morena, mme o rena hodima ditjhaba.


A re itlhahiseng kapele ho yena, re itlhahise ka teboho, re mo rokeng ka mehoo ya thabo.


Tloong, a re itiheleng maotong a hae, re itihele ka hlompho, re weng ka mangwele kapele ho Morena, Morena, Mmopi wa rona.


E be konyana e tona, e se nang sepha, e nang le selemo. Le kgethe konyana kapa potsanyane.


“O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo.


Fate tsa Lebanone ha di lekane ho besa, ho besa mollo aletareng, phoofolo tsa teng ha di lekane ho etsa setjheso.


Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.”


“ ‘Ha setjhaba se etla pela Morena, mohla mekete e halalelang, motho ya keneng ka kgoro e ka leboya ho tla kgumamela Morena, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka borwa; ya keneng ka kgoro e ka borwa, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka leboya. Ha ho motho ya tla tswa ka kgoro eo a keneng ka yona; e mong le e mong o tla tswa ka kgoro e tadimaneng le eo a keneng ka yona.


Yaba Nebukadenesare o atamela pela monyako wa sebopi se tukang malakabe, o a howeletsa, o re: “Shaderaka! Meshake! Abedenego! Lona bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, tswang le tle kwano!” Yaba bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tswa kahara mollo.


“Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona.


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


E ile ya lelekwa hara batho, mme pelo ya yona ya tshwana le ya dibatana; ya phela le ditonki tsa naha, ya eja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa yona wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela e tseba hore Modimo ya hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.


Ba tla ya ka mehlape, ya dikgutshwane le ya makgomo, ba ye ka yona ho ya batla Morena, empa ha ba ka ke ba mo fumana, hobane yena o arohane le bona.


Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa setjheso, la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo, tsena nke ke be ka di amohela. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa teboho, la nketsetsa tsona ka dinonneng tsa lona, le tsona nke ke be ka di tadima.


Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso.


Monna e mong a tla ho Jesu, a re: “Moruti, nka etsa eng e molemo, hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng?”


mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.”


A howa ka lentswe le phahameng, a re: “O nkene kang, Jesu, Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke o rapela ka lebitso la Modimo hore o se ke wa ntlhokofatsa.”


Jwale ha ema Setsebi se seng sa Molao, mme ka ho leka Jesu, sa re: “Moruti, eka kgona ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?”


Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella, le mpatla e seng hobane le bone mehlolo, empa e le hobane le jele bohobe, mme la kgora.


La re latela re ena le Paulosi, la howa, la re: “Batho bana ke bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, ba le phatlalletsang tsela ya pholoho!”


A ba isa kantle, a re: “Benghadi, eka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?”


Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?”


Ka baka leo, ke kgumamela Ntate,


Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe.


Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos