Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 6:7 - BIBELE

7 Na Morena o tla kgahlwa ke kete tsa dipheleu, a kgahlwe ke nyehelo ya ole e ngatangata? Na ke tla nyehela ka ngwanaka wa matsibolo, ke nyehele ka yena ka baka la tshito tsa ka, ke nyehele ka ngwanaka wa matswathaka, ke nyehele ka yena ka baka la sebe sa ka?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Na Jehova o tla kgahlwa ke pheleu tse dikete, ke mashome a dikete a dinoka tsa ole? A ke tla ntsha mora wa ka wa letsibolo bakeng sa bokgopo ba ka, ke ntshe ya tswileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moya wa ka na?

Ver Capítulo Copiar




Mikea 6:7
29 Referencias Cruzadas  

O ile a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele. Ka ho etsa nyehelo ya setjheso ka mora wa hae, a etsa manyala a kang a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bana ba Iseraele.


A etsa sehlabelo sa setjheso ka mora wa hae, a sebedisa boloi, le bonohe, mme a sebedisana le mathuela, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


A silafatsa Tofete e ka kgohlong ya bana ba Hinome, e le hore ho se be motho ya ka etsetsang Moloke sehlabelo sa setjheso ka mora kapa ka moradi wa hae.


Jwale kgosi ya Moabe ya nka mora wa yona wa matsibolo, ya neng a tla e hlahlama, ya etsa nyehelo ya setjheso ka yena hodima lerako. Baiseraele ba kenwa ke letswalo hoo ba ileng ba tloha motseng oo, ba kgutlela naheng ya habo bona.


ha lebese le ne le phalla tseleng ya ka, mafika a kopotsa phororo tsa ole.


Nke ke ka amohela poho ya saka la hao, leha e le phooko ya mohlape wa hao;


Modimo, Modimo ya mpholosang, ako ntopolle kahlolong ya lefu, leme la ka le tumise ho loka ha hao.


Ha o kgahlwe ke mahlabelo; leha nka o nyehella ka setjheso, o ke ke wa se amohela.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo.


Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.


Fate tsa Lebanone ha di lekane ho besa, ho besa mollo aletareng, phoofolo tsa teng ha di lekane ho etsa setjheso.


Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana.


Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.”


Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane.


Ba entse bohlola, ba kganathetse madi matsohong. Ba entse bohlola le medingwana ya bona ya bohata; ba bile ba etseditse medingwana eo mahlabelo a setjheso ka bana bao ba ntswaletseng bona.


Ba tla ya ka mehlape, ya dikgutshwane le ya makgomo, ba ye ka yona ho ya batla Morena, empa ha ba ka ke ba mo fumana, hobane yena o arohane le bona.


Ke thabela mohau e seng mahlabelo, ho tseba Modimo, e seng nyehelo tsa setjheso.


“ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa setjheso, la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo, tsena nke ke be ka di amohela. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa teboho, la nketsetsa tsona ka dinonneng tsa lona, le tsona nke ke be ka di tadima.


Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena eo e leng pelo ya ka.


etlare ha ke kgutla ke hlotse Baamone, mang kapa mang ya tla tswa tlung ya ka ho nkgahlanyetsa, e tla ba wa Morena, mme ke tla etsa nyehelo ya setjheso ka yena.”


Kamora dikgwedi tse pedi a kgutlela ho ntatae, mme ka yena ntatae a phetha kano eo a e etseditseng Morena, moradi wa hae a shwa e ntse e le morwetsana. Hona ya eba moetlo wa Baiseraele,


Samuele a re: “Na Morena o kgahlwa ke nyehelo tsa setjheso, na o kgahlwa le ke wona mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ke ho mamela taelo ya hae? ho ikokobetsa ho molemo ho feta sehlabelo, ho mamela ho molemo ho feta mafura a dipheleu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos