Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Haele moprista e mong le e mong, o ntse a ema ka matsatsi wohle ho sebeletsa Modimo, mme o hlahisa hangata mahlabelo a le mang, a sa tsebeng le hanyenyane ho tlose dibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Moprista e mong le e mong o ema ka tsatsi le leng le le leng, a sebeletsa, a nyehela hangata mahlabelo a tshwanang, a ke keng a tlosa dibe le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Moprista e mong le e mong o ema ka tsatsi le leng le le leng, a sebeletsa, a nyehela hangata mahlabelo a tshwanang, a ke keng a tlosa dibe le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 10:11
21 Referencias Cruzadas  

Hape, ka tsatsi le leng le le leng, o tla hlaba poho ya sehlabelo sa sebe ho etsa pheko; o tla hlwekisa aletare ka ho e etsetsa pheko, o e tlotse hore o tle o e kgethele tshebeletso.


Ke etsang ka mahlabelo a lona a mangatangata, ho botsa Jehova? Ke kgathetse ke ditjheso tsa dipheleu le ke mafura a manamane a nonneng; ha ke kgahliswe ke madi a dikgomo, le a dinku, le a diphooko.


Ke yona karolo ya naha e tla kgethwa; e tla ba ya baprista ba tla sebetsa mosebetsi wa sehalalelo, ba atamelang ho etsa tshebeletso ya Jehova; e tla ba setsha sa matlo a bona le nqalo e kgethehileng ya ho haha sehalalelo.


Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.


Leha ho le jwalo, ho qala ka nako ya ho fediswa ha sehlabelo sa kamehla, le sa peo ya manyala a bofediso, ho tla feta matsatsi a sekete se le seng se nang le makgolo a mabedi a mashome a robileng mono o le mong.


la iphahamisa ho isa ho morena wa makgotla ao, la mo amoha sehlabelo sa kamehla, mme moaho wa sehalalelo sa hae wa ripitlwa.


ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;


Morena eo o tla hlaba selekane se matla le ba bangata ka veke e le nngwe, mme mahareng a veke o tla fedisa sehlabelo le nyehelo; mme manyala a tshenyo a tla dula tempeleng, ho fihlela bofediso bo laetsweng bo wela hodima mosenyi.


Ke tla kgahlanyetsa Jehova kang, ke iname pela Modimo o phahameng? Na ke tla mo kgahlanyetsa ka ditjheso le ka manamane a selemo se le seng?


Le tla a hlahisa ka tsatsi le leng le le leng, ka matsatsi a supileng, e be sejo sa sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Ere ho bona: Ke sena setjheso seo le tla se hlahisetsa Jehova: Ka tsatsi le leng le le leng le tla hlahisa dikonyana tse tona tse pedi tse se nang sekodi, tse lemo se le seng, e nne e be setjheso sa kamehla.


Le tla hlahisa mahlabelo ao, kantle ho setjheso le ho nyehelo tsa kgwedi e nngwe le e nngwe, le ho setjheso sa kamehla le nyehelo, le ho ditshelo tse hlahiswang le tsona ka taelo e beilweng. Ke mahlabelo a tjheswang ka mollo, a monko o monate ho Jehova.


Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.


Hobane madi a dipoho le a diphooko a sitwa ruri ho tlosa dibe.


Hobane moprista e moholo, leha e le ofe le ofe, ya nkwang hara batho, o ye a beelwe batho dinthong tsa tshebeletso ya Modimo, a tle a hlahise dinyehelo le mahlabelo ka baka la dibe;


ya sa tshwanelang, jwaloka baprista ba baholo, ho hlahisa pele, ka matsatsi wohle, mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, a ntoo hlahisa a dibe tsa setjhaba; hobane taba eo yena o e entse hang feela, mohla a ikentseng sehlabelo.


eo e leng mosebeletsi wa sehalalelo, le wa tabernakele ya sebele e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.


Hojane a le lefatsheng, o ne a ya hloka tokelo ya ho ba moprista, kahobane baprista ba teng ba hlahisang dinyehelo ka molao;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos