Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;
Joshua 8:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ntoo bala ditaba tsohle tsa molao, dihlohonolofatso le dithohako, le tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao. BIBELE Kamora mona Joshua a bala mantswe wohle a Molao, e leng ditlhohonolofatso le dithohako, ho ya ka tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao. |
Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;
Ba ema ditulong tsa bona, mme ha balwa bukeng ya molao wa Jehova, Modimo wa bona, ka karolo e nngwe ya bone ya letsatsi; ka e nngwe ya bone ba hlahisa meipolelo ya bona, mme ba kgumama pela Jehova, Modimo wa bona.
Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.