Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le matona a bona, le baahlodi ba bona ba ema ka nqa tse pedi ho areka, mabapa le baprista, e leng Balevi ba jereng areka ya selekane sa Jehova, hammoho le baditjhaba, le Baiseraele ba hlaho; sehlopha se seng se ne se lebane le thaba ya Gerisime, sehlopha sa bobedi se lebane le thaba ya Ebale, kamoo Moshe, mohlanka wa Jehova, a neng a laetse kateng kgale, hore ba hlohonolofatse setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le baokamedi ba bona, le baahlodi ba bona, le bajaki, le matswallwa a naha, ba ema ka mahlakoreng a mabedi a areka ya selekane, kapele ho baprista e leng Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Morena. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e tadimile thabeng ya Gerisime, mme karolo e nngwe e tadimile thabeng ya Ebale, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ba laetse ho etsa jwalo ha ba hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele e le lekgetlo la pele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:33
22 Referencias Cruzadas  

Molao o tla ba mong ho ya tswaletsweng hae, le ho moditjhaba ya jakileng ho lona.


Le tla ahlola moditjhaba le ya tswaletsweng hae ka molao o le mong, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.


Molao o tla ba mong le mokgwa o tla ba mong ho lona le ho moditjhaba ya aheletseng hara lona.


Le tle le be le molao o le mong bakeng sa ya ka sitwang ka ho se tsebe, kapa ke ya tswetsweng hara bana ba Iseraele, kapa ke moditjhaba ya aheletseng hara lona.


Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema.


Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a o kenye lefatsheng leo o yang ho le rua, o tle o bolele hlohonolofatso thabeng ya Gerisime, le thohako thabeng ya Ebale.


O tla phutha setjhaba, banna, le basadi, le bana, le moditjhaba ya metseng ya hao, ba tle ba utlwe, mme ba ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho etsa ditaba tsohle tsa molao ona.


a laela Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, a re:


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


a bitsa Baiseraele bohle, e le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona, a re ho bona: Ke tsofetse, ke hodile.


Ebile Joshua o phuthela meloko yohle ya Iseraele Sikeme, a bitsa le baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona. Ba itlhahisa pela Modimo.


Yare setjhaba ha se tlohile ditenteng tsa sona ho tshela Jordane, baprista ba jereng areka ya selekane ba etella setjhaba pele.


ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.


Joshua a bolella le baprista, a re: Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele. Ebile ba jara areka ya selekane, ba etella setjhaba pele.


Baprista ba jereng areka ba ema kahare ho Jordane, ho fihlela ha ho phethehile tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Joshua hore a di bolelle setjhaba, kahohle kamoo Moshe a neng a laetse Joshua kateng. Setjhaba sa akofa, sa tshela.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ha ba etswa hara Jordane, mme bohato ba maoto a baprista ha bo hata mobu o omileng, metsi a Jordane a boela tulong tsa wona, mme a nna a matha a tlotse mabopo wohle a wona, jwaloka maoba le maobane.


Ebile Joshua, mora Nune, o bitsa baprista, a re ho bona: Jarang areka ya selekane, mme baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba eteletse areka ya Jehova pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos