Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo,

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:1
22 Referencias Cruzadas  

Morena a nyolohela tlung ya Jehova, yena le banna bohle ba Juda, le bohle ba ahileng Jerusalema, le baprista le baporofeta, le setjhaba sohle, ba banyenyane le ba baholo; a bala tsebeng tsa bona taba tsohle tsa buka ya selekane e fumanweng ka tlung ya Jehova.


Mehleng eo hape, ka bona hobane Bajuda ba bang ba nyetse basadi ba Baashdode, ba Baammone, le ba Bamoabe.


Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, ba swaba ka ho fetisisa ha ba utlwa hobane ho fihlile monna ya tla etsa bana ba Iseraele hantle.


Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na?


Tobia Moammone, ya neng a eme pela hae, a re: Mme seo ba se hahang, leha phokojwe e ka hlwella teng, e ka heletsa lerako la bona la majwe!


Ka tsatsi le qalang kgwedi ya bosupa, Esdrase, moprista, a tlisa molao pela phutheho ya banna le basadi le bohle ba ka bang le kelello ya ho utlwisisa;


Ba ema ditulong tsa bona, mme ha balwa bukeng ya molao wa Jehova, Modimo wa bona, ka karolo e nngwe ya bone ya letsatsi; ka e nngwe ya bone ba hlahisa meipolelo ya bona, mme ba kgumama pela Jehova, Modimo wa bona.


Batlang bukeng ya Jehova, le bale! Ha ho le e nngwe ya phoofolo tseo e tla hlokahala, ha ho e nngwe e tla ba siyo, hobane molomo wa ka o boletse; ke moya wa hae o tla di bokella.


Bakeng sa Moabe, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho madimabe Nebo, hobane o sentswe; Kiryathaime o hapilwe, o hlabisitswe dihlong, Misgabe o hlabisitswe dihlong, o swabile.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya bana ba Ammone — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba petsotse baimana ba Gileade, ba tle ba hodise naha ya bona:


Yaba o romela manqosa ho ya bitsa Baalame, mora Beore, ya neng a ahile Pethore e pela noka, naheng ya bara ba setjhaba sa hae, mme a re ho yena: Bona, setjhaba se tswile Egepeta; se apesitse lefatshe, mme se ahile mabapa le nna.


A re ho yena: Na ho ngodilweng molaong? O balang teng?


Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.


Hobane haele Moshe, haesale le mehleng ya kgale, o na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa masinagogeng ka matsatsi wohle a Sabatha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos