Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 12:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Mehleng ya Sorobabele, le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba ntsha dikabelo tsa dibini le tsa balebedi ba menyako, kamoo ho tshwanelang ho ntshwa kateng, ka tsatsi le leng le le leng; dintho tse halalelang di ne di newa Balevi, Balevi bona ba ne ba nea bana ba Aarone dintho tse halalelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

47 Le mehleng ya Serubabele, le mehleng ya Nehemia, ka tsatsi le leng le le leng, Baiseraele bohle ba nna ba ntshetsa dibini le balebedi ba menyako diabo tsa bona. Ba ntshetsa Balevi diabo tsa bona, mme Balevi le bona ba ba ba ntshetsa ditloholo tsa Arone diabo tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 12:47
14 Referencias Cruzadas  

Mme dijo tsa hae ya nna ya eba dijo tseo a di fuwang ke morena, tsa tsatsi le leng le le leng, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.


Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.


ba ileng le Sorobabele: Ke Joshua, Nehemia, Seraia, Reelaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:


Hobane bakeng sa bona, morena o ne a laetse hore moputso o beilweng o newe dibini, ka tsatsi le leng le le leng.


Baprista le Balevi ba kileng ba falla Babilona le Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, ke Seraia, Jeremia, Esdrase,


Mehleng ya Jojakime, dihlooho tsa matlo a bontata baprista e ne e le Meraia lesikeng la Seraia, le Hanania lesikeng la Jeremia;


Bao ba ne ba le teng mehleng ya Jojakime, mora Joshua, mora Jotsadake, le mehleng ya Nehemia, mmusisi, le ya Esdrase moprista le mongodi.


Ya rutwang Lentswe a ke a qotsetse ya mo rutang mesebetsing ya hae yohle.


a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos