Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:34 - BIBELE

34 Kamora mona Joshua a bala mantswe wohle a Molao, e leng ditlhohonolofatso le dithohako, ho ya ka tsohle tse ngotsweng Bukeng ya Molao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 A ntoo bala ditaba tsohle tsa molao, dihlohonolofatso le dithohako, le tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:34
10 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo,


Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona.


“Balevi ba tla howeletsa, ba re ho setjhaba sohle sa Iseraele:


Morena o tla o otla ka bohlanya, le ka bofofu, le ka pherekano.


Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos