Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Ha ho a ka ha eba taba le e nngwe ya tseo Moshe a di laetseng, eo Joshua a sa kang a e bala pela phutheho yohle ya Iseraele, ho bile ho na le basadi, le bana ba banyenyane, le baditjhaba ba tsamayang le bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Ha ho lentswe le le leng la tsohle tseo Moshe a neng a di laele, leo Joshua a sa kang a le balla phutheho yohle ya Baiseraele, le basadi, le bana, le bajaki ba neng ba jakile hara bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:35
15 Referencias Cruzadas  

Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Ka tsatsi le qalang kgwedi ya bosupa, Esdrase, moprista, a tlisa molao pela phutheho ya banna le basadi le bohle ba ka bang le kelello ya ho utlwisisa;


a bala teng lepatlelong le pela monyako wa Metsi, a qala e sa le ka meso, ya ba ya eba motshehare, pontsheng ya banna le basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya basadi le ya ba seng ba ena le kelello ya ho utlwisisa; mme setjhaba kaofela sa nna sa sekehela buka ya molao ditsebe.


Letshwele le kopakaneng la ya le bona, le mehlape ya manku le ya makgomo a mangata haholo.


Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.


Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letswele; monyadi a tswe tlung ya hae, le monyaduwa phaposing ya hae!


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.


Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.


Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,


Kajeno, emang kaofela ha lona pela Jehova, Modimo wa lona, le ena le dihlooho tsa meloko ya lona, le baholo ba lona, le bahlahlobi ba lona, le banna bohle ba Iseraele;


le bana ba lona, le basadi ba lona, le moditjhaba ya leng ho wena diahelong tsa hao, ho qala ka ya o rathelang patsi, ho isa ho ya o kgellang metsi;


Bolokang ke hona ditaba tsa selekane sena, le di etse, le tle le atlehe tabeng tsohle tseo le tla di etsa.


O tla phutha setjhaba, banna, le basadi, le bana, le moditjhaba ya metseng ya hao, ba tle ba utlwe, mme ba ithute ho tshaba Jehova, Modimo wa lona, mme ba hlokomele ho etsa ditaba tsohle tsa molao ona.


Le ke ke la eketsa ka letho hodima lentswe leo ke le laelang lona, hape, le ke ke la le fokotsa, le tla mpe le boloke ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos