taba ha e jwalo; empa monna o teng wa thaba ya Efraime, lebitso la hae ke Sheba, mora Bikri; o kwenehetse morena Davida; ha le ka nneela yena a le mong, ke tla tloha pela motse. Mosadi a re ho Joabe: Bona, hlooho ya hae e tla akgellwa wena lerakong.
Joshua 24:33 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime. BIBELE Le Eleasare, mora wa Arone, a shwa. Ba mo epela Gibea, motseng wa mora wa hae Finease, oo a neng a o newe, o naheng e maralla ya Efraime. |
taba ha e jwalo; empa monna o teng wa thaba ya Efraime, lebitso la hae ke Sheba, mora Bikri; o kwenehetse morena Davida; ha le ka nneela yena a le mong, ke tla tloha pela motse. Mosadi a re ho Joabe: Bona, hlooho ya hae e tla akgellwa wena lerakong.
A re: Ho dutswe hantle. Monga ka o nthomile, a re: Bona, bahlankana ba babedi ba thaba ya Efraime, ba bara ba baporofeta, ba tswa fihla ho nna hona jwale; ako ba nee talenta e nngwe ya silefera le diaparo tse pedi tsa mokete.
mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.
Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.
Tjhe, o tla le bona. Ba bohlale ba ya shwa; lewatla le sethoto le bona ba ya shwa, ba tlohelle basele maruo a bona.
Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.
Eleasare, mora Aarone, a nyala e mong wa baradi ba Puthiele, mme a mo tswalla Finease. Ke tsona dihlooho tsa bontata Balevi ka masika a bona.
Morena wa marena a Balevi e ne e le Eleasare, mora Aarone, moprista. Eo o ne a hlahloba ba baballang dintho tsa sehalalelo.
Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.
Ke wona mafa ao bana ba Iseraele ba ileng ba a rua fatsheng la Kanana, ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba ba abetseng wona ho ba lefa la bona;
Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade,
Monna eo a falla motseng wa Bethlehema-Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang sebaka teng. A re a sa le leetong la hae, a fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.
Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.
Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.
Ebile o ya le thaba ya Efraime, a ntoo ya le naha ya Shalisha, ba mpa ba se ke ba di fumana; ba ntoo ya le naha ya Shaalime; le teng tsa eba siyo; hape ba ya le naha ya Benjamine, ba se ke ba di bona.