Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Arone a nka Elesheba, moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:23
19 Referencias Cruzadas  

Rame yena a tswala Amminadabe; Amminadabe a tswala Nashone, kgosana ya bana ba Juda.


Bara ba Aarone ke Nadabe, Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Nyolohela ho Jehova, le ena le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba mashome a supileng ba Iseraele, mme le kgumame le sa le hole.


Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;


O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.


ho la Juda, Nasone, mora Amminadabe;


Ka nqa botjhabela, pela tente, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Juda, ka lekgotla la yona; ke morena wa banna ba Juda, Nasone, mora Amminadabe,


Nka Aarone le mora hae Eleasare, mme o ba nyolosetse thabeng ya Hore.


Moshe a hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora hae. Aarone a shwela moo, qhoweng ya thaba. Mme Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.


Arame a tswala Aminadabe; Aminadabe a tswala Naasone; Nasone a tswala Salmone;


Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia; mosadi wa hae e ne e le wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha.


Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos