Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baahlodi 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Hoba Joshua a shwe, bana ba Iseraele ba botsa Morena, ba re: “Ke mang ho rona ya tla futuhela Bakanana pele, a ba lwantshe?”

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 1:1
17 Referencias Cruzadas  

Hape, Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ako botse molomo wa Jehova pele.


Yaba Moshe o re ho mohwehadi wa hae: Ke hobane setjhaba se tla ho nna ho botsa Modimo.


Mokgajwaneng wa kahlolo o tla bea Urime le Thummime, di tle di be sefubeng sa Aarone, ha a kena pela Jehova; Aarone o tla jarela bana ba Iseraele kahlolo sefubeng sa hae, pela Jehova, ka ho sa feleng.


O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.


Manasse yena ha a ka a leleka batho ba Bethe-Sheane le ba metse ya teng, leha e le ba Thaanake le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Dore le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Jibleame le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Meggido le ba metse ya teng; Bakanana ba mpa ba hanella naheng eo.


le nna, ha ke sa tla hlola ke leleka pela bona motho le a mong wa ditjhaba tseo Joshua a di siileng mohla a timelang;


Joshua, mora Nune, mohlanka wa Jehova, a timela a le dilemo tse lekgolo le nang le leshome,


a ba a patwa naheng ya lefa la hae, Timnathe-Herese, dithabeng tsa Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe.


Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Bana ba Iseraele ba ntoo botsa Jehova (hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e le teng ho bona mohlang oo;


Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.


Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos