Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 20:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 taba ha e jwalo; empa monna o teng wa thaba ya Efraime, lebitso la hae ke Sheba, mora Bikri; o kwenehetse morena Davida; ha le ka nneela yena a le mong, ke tla tloha pela motse. Mosadi a re ho Joabe: Bona, hlooho ya hae e tla akgellwa wena lerakong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ha ho jwalo. Monna ya tswang naheng e maralla ya Efraime, ya bitswang Sheba, mora wa Bikiri, o fetohetse kgosi, yena kgosi Davida. Neelana ka yena feela, mme ke tla tloha motseng ona.” Mosadi eo a re ho Joabe: “Ke tla o akgella hlooho ya monna eo le hodima lerako.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:21
17 Referencias Cruzadas  

Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba tloha ho Davida, ba latela Sheba, mora Bikri; banna ba Juda ba mpa ba kgomarela morena wa bona, ba tloha le yena Jordane, ba mo isa Jerusalema.


Joabe a mo fetola, a re: E be hole le nna, e be hole le nna, taba ya hore ke heletse, kapa ke timeletse;


E mong ke Abishai, ngwanabo Joabe, mora Tseruja; ke e mong e moholo ho ba bararo ba bang; a betsa ka lerumo la hae, a hlaba ba makgolo a mararo, a iketsetsa lebitso hara ba bararo.


Jeroboame, mora Nebathe, Moefrata wa Tsereda, mohlanka wa Salomone, le yena a kwenehela morena. Mmae e ne e le Tserua, mosadi wa mohlolohadi.


Lengolo ha le fihla ho bona ba nka bara ba morena, ba ba bolaya, e le ba mashome a supileng; ba hlomela dihlooho tsa bona ka diroto, ba di romela ho yena Jisreele.


A re: Ho dutswe hantle. Monga ka o nthomile, a re: Bona, bahlankana ba babedi ba thaba ya Efraime, ba bara ba baporofeta, ba tswa fihla ho nna hona jwale; ako ba nee talenta e nngwe ya silefera le diaparo tse pedi tsa mokete.


Hobane mokgosi ke oo o llang, o tswa Dane, mme o utlwahala thabeng ya Efraime, o bolela tlokotsi.


Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.


Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.


a ba a patwa naheng ya lefa la hae, Timnathe-Herese, dithabeng tsa Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe.


Gideone a romela manqosa le ho bohle ba thabeng ya Efraime, a re: Theohang ho ya lwantsha Bamidiane, le tshware madiboho pele, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane. Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba phutheha, mme ba tshwara madiboho, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane.


Mme banna ba Iseraele, eitse ha ba bona hobane Abimeleke o timetse, ba ikela e mong le e mong hae ha hae.


A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos