Haele baprista le Balevi ba neng ba le kahohle Iseraeleng, ba tloha naheng tsa bona, ba phuthehela ho yena.
Joshua 22:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ekaba lefatshe leo le le ruileng le ditshila, ha le keng le tshelele lefatsheng le ruilweng ke Jehova, moo tabernakele ya Jehova e emeng teng, mme le nke lefa hara rona; le mpe le se ke la fetohela Jehova, hape le se ke la fetohela rona, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona. BIBELE Jwale he, haeba naha eo e leng ya lona e silafetse, tshelelang ka naheng eo e leng ya Morena, moo Tente ya Morena e leng teng, mme lona le ahe hara rona. Empa le se ke la fetohela Morena, kapa le rona la re fetohela, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Morena Modimo wa rona. |
Haele baprista le Balevi ba neng ba le kahohle Iseraeleng, ba tloha naheng tsa bona, ba phuthehela ho yena.
O tla ba finyeletsa, o ba hlome thabeng ya lefa la hao, setsheng seo o iketseditseng sona, Jehova, hore o dule teng, sehalalelong seo matsoho a hao a se theileng, Morena.
Kgosana ya mmuso wa Bapersia e hanyatsane le nna ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong, empa bonang, Mikaele, kgosana e nngwe e kgolo, o tlile ho nthusa, mme ke hlotse ho marena a Bapersia.
ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.
Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.
Empa bana ba Iseraele ba utlwa ho thwe: Bonang, bana ba Rubene, le bana ba ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba hahile aletare e pontsheng ho naha ya Kanana, lebopong la Jordane, ka nqa ka ha bana ba Iseraele.