Joshua 22:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Empa bana ba Iseraele ba utlwa ho thwe: Bonang, bana ba Rubene, le bana ba ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba hahile aletare e pontsheng ho naha ya Kanana, lebopong la Jordane, ka nqa ka ha bana ba Iseraele. Ver CapítuloBIBELE11 Bana ba bang ba Iseraele ba utlwa ho thwe: “Helang! bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba hahile aletare Gelelote, seterekeng sa Jorodane, lehlakoreng le ka ho bana ba Iseraele.” Ver Capítulo |
Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.
Ha ekaba lefatshe leo le le ruileng le ditshila, ha le keng le tshelele lefatsheng le ruilweng ke Jehova, moo tabernakele ya Jehova e emeng teng, mme le nke lefa hara rona; le mpe le se ke la fetohela Jehova, hape le se ke la fetohela rona, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona.