Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha ba fihla lebopong la Jordane, moeding wa naha ya Kanana, teng ba haha aletare pela Jordane, aletare e kgolo, e bonahalang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ha ba fihla seterekeng sa Jorodane, se naheng ya Kanana, bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba haha aletare e kgolo moo, hodima lebopo la Jorodane.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:10
10 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.


Ka meso, Jakobo a tsoha, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le emisa hore e be mokolokotwane, mme a tshela ole hodima lona.


Mehleng eo, Jehova o tla kgethelwa aletare bohareng ba lefatshe la Egepeta, mme sefika se kgethetsweng Jehova se tla ema pela meedi ya naha.


Empa bana ba Iseraele ba utlwa ho thwe: Bonang, bana ba Rubene, le bana ba ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba hahile aletare e pontsheng ho naha ya Kanana, lebopong la Jordane, ka nqa ka ha bana ba Iseraele.


Ebile bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba ikgutlela, ba siya bana ba Iseraele Silo, fatsheng la Kanana, ba ya naheng ya Gileade, e leng naha ya lefa la bona, eo ba neng ba e ruile, jwalokaha ho ne ho boletse Jehova ka Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos