Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ebile bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba ikgutlela, ba siya bana ba Iseraele Silo, fatsheng la Kanana, ba ya naheng ya Gileade, e leng naha ya lefa la bona, eo ba neng ba e ruile, jwalokaha ho ne ho boletse Jehova ka Moshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:9
19 Referencias Cruzadas  

Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.


ka nqa botjhabela, o ne a ahile naheng e fihlang moeding wa lefeella, ho tloha nokeng ya Eufrate; hobane mehlape ya bona e ne e atile haholo naheng ya Gileade.


Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka; Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka, mme Juda ke lere la ka la borena;


Bara ba Rubene le bara ba Gade ba ne ba ruile mehlape e mengatangata; ba bona hoba naha ya Jaesere le ya Gileade di tshwanela mehlape.


Moshe a re ho bona: Ha le etsa hoo, ha le hlomella ntwa pela Jehova,


ha le sa kgutle naha e eso ho bewe tlasa Jehova, teng le tla hloka molato pela Jehova le pela Iseraele, mme naha ena e tla ba leruo la lona pela Jehova.


Ho tla sala metseng ya Gileade bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona;


Ha bara ba Gade le bara ba Rubene ba tshela Jordane le lona, ba hlomeletse ho lwana pela Jehova ho fihlela ha naha e bewa tlasa lona, le tla ba nea naha ya Gileade, ba e rue.


Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.


ho fihlela mohla Jehova a neileng banababo lona phomolo, jwalokaha a le neile, le bona ba tle ba rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a ba neang lona mose wane ho Jordane; ke hona le tla kgutlela e mong le e mong lefeng leo ke le neileng lona.


Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane,


le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka;


Naha ya bona e ne e le Jaesere, le metse yohle ya Gileade, le sekoto sa naha ya bana ba Ammone, ho isa Aroere, o maloka le Rabba;


le sekoto sa Gileade, le Ashtarothe, le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane, ya eba ya bana ba Makire, mora Manasse, ke ho re, ya mothapo wa bana ba Makire ka matlo a bona.


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ha ba fihla lebopong la Jordane, moeding wa naha ya Kanana, teng ba haha aletare pela Jordane, aletare e kgolo, e bonahalang.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Gileade yena a itulela hae mose wane ho Jordane! Dane a nna a dulelang dikepeng? Asere a itulela lebopong la lewatle, a dula a iketlile dikoung tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos