Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O tla ba finyeletsa, o ba hlome thabeng ya lefa la hao, setsheng seo o iketseditseng sona, Jehova, hore o dule teng, sehalalelong seo matsoho a hao a se theileng, Morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 O ba fihlisitse, mme wa ba ahisa thabeng ya hao, sebakeng seo o se entseng leaho la hao, Morena, Sehalalelong se entsweng ka matsoho a hao, Morena.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:17
24 Referencias Cruzadas  

Ke lokiseditse le setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo; ke se hlomile, se tle se dule ha habo sona, se se ke sa hlola se ferekana le bakgopo ba se ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka hapele,


Ke fela ke o hahetse ntlo hore o ahe teng, nqalo eo o tla ba ho yona kamehla.


Juda a fetoha sehalalelo sa Jehova, Iseraele ya eba mmuso wa hae.


o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.


na lona, dithaba tse dihloro, le honohellang thaba e kgethilweng ke Modimo ho aha teng na? E, Jehova o tla aha ho yona ka ho sa feleng.


tabernakele ya wona e Saleme, moaho wa wona o Sione.


O sireletse seo letsoho le letona la hao le se hlomileng, le lehlomela leo o ikgethetseng lona.


O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;


O tsamaisitse setjhaba seo o se lopolotseng ka mohau wa hao, o se isitse ka matla a hao kahong e halalelang ya hao.


Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.


Ba tla nketsetsa nqalo e halalelang, ke tle ke dule hara bona.


Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.


Athe nna, ke na be ke o hlomile o le morara o fetisang ka molemo, wa mofuta wa sebelebele; o mpa o iphetotse jwang ho nna morara wa mofuta osele?


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!


Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng.


Ke hona ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova ya halaletsang Iseraele, ha di bona sehalalelo sa ka se le hara bona ka ho sa feleng.


Ba tla biletsa ditjhaba thabeng, ba hlahise mahlabelo a ho loka teng; hobane ba tla anya letlotlo la lewatle, le dintho tsa bohlokwa tse patilweng lehlabatheng.


Ha ekaba lefatshe leo le le ruileng le ditshila, ha le keng le tshelele lefatsheng le ruilweng ke Jehova, moo tabernakele ya Jehova e emeng teng, mme le nke lefa hara rona; le mpe le se ke la fetohela Jehova, hape le se ke la fetohela rona, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos