La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 21:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke wona mokgwa oo Jehova a neileng Iseraele lefatshe lohle leo a neng a hlapanyeditse bontata bona hobane o tla ba nea lona; ba le rua, mme ba aha teng.

Ver Capítulo

BIBELE

Morena a nea Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapanye hore o tla e nea bo-ntata bona, mme ya eba ya bona, ba aha ho yona.

Ver Capítulo



Joshua 21:43
26 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


hobane naha yohle eo o e bonang, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao ka ho sa feleng.


O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.


Ba fedile ba ahile teng, ba bile ba o hahetse sehalalelo teng, hore e be sa lebitso la hao, ba re:


Bana ba bona ba fela ba kena, ba rua lefatshe; wa kokobetsa pela bona ba neng ba ahile lefatsheng leo, e leng Bakanana, mme wa ba neela matsohong a bona hammoho le marena a bona le ditjhaba tsa lefatshe, hore ba etse ka tsona kamoo ba ratang kateng.


Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng.


O hopola selekane sa hae ka ho sa yeng kae, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete:


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Le tla hapa naha, mme le tla ikahela ho yona; hobane ke le neile naha, e tle e be leruo la lona.


Etlare hobane le kene naheng ya Kanana, naha eo e tla ba lefa la lona, ke eo: naha ya Kanana ka meedi ena ya yona:


Hobane le se le ya tshela Jordane ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neang lona; le tla le rua, le ahe ho lona.


Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a fedisa pela hao ditjhaba tseo o yang ho rua naha ya tsona, ha o se o dutse tulong tsa tsona, mme o ahile naheng ya tsona,


Etlare hobane o kene naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, ha o se o e ruile, o ahile ho yona, leha o ka re: Ke tla ipeela morena jwaloka ditjhaba tsohle tse nteetseng hare;


Jehova a re ho yena: Ke lona lefatshe leo ke anetseng Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka re: Ke tla le nea ditloholo tsa lona. Ke o bontsha lona, o tle o le bone ka mahlo; empa u ke ke wa kena ho lona.


Iphe matla, o etse ka senna, hobane ke wena o tla ruisa setjhaba sena fatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona, ka re, ke tla ba nea lona.


O mong le o mong wa metse eo o ne o na le meraka ya wona e o teetseng hare; ha eba jwalo ka metse eo kaofela.


Ha ke re, o ka rua seo Kemoshe, modimo wa hao, a ka o ruisang sona na? Le rona, re rua naha ya bohle bao Jehova, Modimo wa rona, a ba lelekisang pela rona.


Ya na ya re hobane Jakobo a fihle Egepeta, bontata lona ba ile ba hoeletsa ho Jehova, mme Jehova a roma Moshe le Aarone, ba ntsha bontata lona Egepeta, mme ba ba ahisa fatsheng lena.