Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 21:43 - BIBELE

43 Morena a nea Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapanye hore o tla e nea bo-ntata bona, mme ya eba ya bona, ba aha ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Ke wona mokgwa oo Jehova a neileng Iseraele lefatshe lohle leo a neng a hlapanyeditse bontata bona hobane o tla ba nea lona; ba le rua, mme ba aha teng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 21:43
26 Referencias Cruzadas  

Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


Naha yohle eo o e bonang ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao kamehla yohle.


A ke a o nee lehlohonolo la Aborahama, wena le ditloholo tsa hao, o tle o rue naha eo o leng mojaki ho yona, eo Modimo a neng a e nee Aborahama!”


Setjhaba sa hao se ile sa aha naheng ena, sa o hahela sehalalelo ho yona, hore o tle o kgumamellwe teng, mme sa ba sa re:


Bana bao ba kena, ba ikgapela naha; wa kokobetsa Bakanana, baahi ba pele ba naha, wa neelana ka bona matsohong a Baiseraele, hore ka kgosi tsa bona ho etswe borata, le ka baahi ba tsona.


Wa fumana a tshepahala ho wena, yaba o etsa selekane le yena; wa mo tshepisa naha ya Bakanana, le ya Bahete, ya Baamore, le Baperise, le Bajebuse, le Bagirigashe; wa e tshepisa le ditloholo tsa hae; jwale o phethile tshepiso ya hao, hobane wena o lokile.


Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla, tshepiso eo a e entseng, a e etsetsa meloko e sekete;


O ile wa leleka ditjhaba, hore o tle o ba bee naheng ya tsona; wa etsa merabe hampe, hore ba tle ba namele hohle.


A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.


Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.


Naha eo e tla ba ya lona, mme le tla aha ho yona, hobane ke le neile yona hore e be ya lona.


“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng ya Kanana, ena ke yona naha eo e tla ba lefa la lona, yona naha ya Kanana ho ya ka meedi ya yona.


Le lokela ho tshela noka ya Jorodane ha le kena ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona. E tla ba ya lona, le ahe ho yona.


“Ha Morena Modimo wa lona, a se a fietse kapele ho lona ditjhaba tseo le yang ho ya di hapa, le se le di lelekile, le tla aha naheng ya tsona.


“Ha le fihla naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e se e le ya lona, le se le ahile ho yona, mme le re: ‘Re tla ikgethela kgosi jwaloka ditjhaba tsohle tse re potapotileng;’


Morena a re ho yena: “Ena ke naha eo ke ileng ke e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: ‘Ke tla e nea ditloholo tsa lona.’ Ke o dumeletse hore o e bone ka mahlo feela, empa o ke ke wa tshelela ho yona.”


“Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona.


Motse o mong le o mong wa metse ena o ne o ena le makgulo a wona a o potapotileng, mme ho ne ho le jwalo metseng ena yohle.


Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.


“Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos