Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 21:44 - BIBELE

44 Morena a ba nea phomolo hohle, ho ya ka tsohle tseo a neng a di hlapanyetse bo-ntata bona, mme ha se ke ha eba le ya mong wa dira tsa bona ya emang kapele ho bona. Morena a neelana ka dira tsa bona matsohong a bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Jehova a ba kgatholla hohle, kahohle kamoo a neng a hlapanyeditse bontata bona kateng; ha ho a ka ha eba se seng ho dira tsohle tsa bona se kileng sa tiya pela bona, kahobane Jehova a ne a neetse dira tsa bona matsohong a bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 21:44
19 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba baleha bahlabani ba Juda, mme Modimo a neelana ka bona matsohong a bahlabani bao ba Juda.


“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.


Morena a re: “Nna, ka sebele sa ka, ke tla tsamaya le wena, ke yo o phomotsa.”


Jwaloka dikgomo tse theohelang kahara kgohlo, Moya wa Modimo o ile wa ba phomotsa. Tjhaba sa hao o se tataisitse tjena, hore o iketsetse lebitso le tlotlehang.


Ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le ho tloha motseng o kahara kgohlo eo, ho ya fihla Gileade, ha ho a ka ha eba le motse o ileng wa re hlola, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a neelane ka yona yohle ho rona.


“Ha o eya ntweng, o futuhela dira tsa hao, Morena a neelana ka tsona matsohong a hao, o di etsa bathopuwa,


Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo,


“Hopolang lentswe leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a le laele lona, a re: ‘Morena Modimo wa lona, o tla le phomotsa, a le nee naha ena.’


Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.”


Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.


Joshua a hapa metse yohle ya dikgosi tseo, a hapa le dikgosi tsa yona, a di bolaya ka sabole, mme a di timetsa ho hang, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ile a laela.


Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.


Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.


Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.”


Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona.


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena.


Ha ho se ho fetile nako e telele Morena a phomoditse Baiseraele dintweng tsa bona le ho dira tsohle tsa bona tse neng di ba potapotile, Joshua a nna a tsofala, dilemo tsa hae tsa nna tsa ya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos