Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:23
32 Referencias Cruzadas  

Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.


ha ba ka ba boloka selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka molao wa wona;


Ke le tlisitse lefatsheng la nala, hore le tle le je ditholwana tsa lona le monono wa lona; le ile la kena, mme le silafaditse lefatshe la ka, le lefa la ka le le entse manyala.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Ekare ha le sa nkutlwe, ka ho tsamaya melaong eo ke e beileng pela lona,


Le ho fihlela tsatsi lena, ha ho eso ho be ya ikokobetsang, leha e le ya tshabang; ha ba tsamaye molaong wa ka le ditaelong tsa ka, tseo ke di beileng pela lona le pela bontata lona!


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona.


Jehova o lokile, hobane ke ikgantsheditse ditaelo tsa hae. Mamelang hle, ditjhaba kaofela, le bone bohloko ba ka; barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kgolehong.


Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.


Ka ba ka re ho bana ba bona nahathothe: Le se ke la tsamaya ka dikomelo tsa bontata lona, le se ke la boloka mekgwa ya bona, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona.


Empa le bona bana ba bona ba ikgantshetsa nna; ba hana ho tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho boloka melao ya ka ho e etsa, eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona, ba silafatsa Disabatha tsa ka ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona nahathothe.


Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta.


Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le entse ntho tsohle tseo le di laetsweng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.


Ke wona mokgwa oo Jehova a neileng Iseraele lefatshe lohle leo a neng a hlapanyeditse bontata bona hobane o tla ba nea lona; ba le rua, mme ba aha teng.


Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos