Etsware, ha ho kwalwa monyako wa motse ka shwalane, banna bao ba tswile; ha ke tsebe moo banna bao ba ileng teng. Ba phalleleng kapele, hobane le tla ba tshwara.
E ile yare ka nako eo ho kwalwang monyako wa lerako la motse ka yona, ha ho se ho le lefifi, banna bao ba tsamaya, ha ke tsebe hore na ba lebile kae; ba potlakeleng kapele, le tla ba tshwara.”
Jwale, eitse ha menyako ya Jerusalema e apeswa ke meriti, ha Sabatha e se e tla qala, ka laela hore menyako e kwalwe; ka laela hape hore e se ke ya boela ya bulwa, haese ha Sabatha e se e fetile; ka bea bahlanka ba bang ba ka menyakong, hore ho se kene phahlo le e nngwe ka tsatsi la Sabatha.
Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.
Mabopong a noka, mose o kwano le mose wane, ho tla mela difate tsohle tse nang le dijo. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, ditholwana tsa tsona di ke ke tsa fela; di tla butswa ka dikgwedi tsohle, hobane metsi a noka ke a kollang sehalalelong; ditholwana tsa tsona e tla ba dijo, mahlaku a tsona e be sehlare.