Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Athe o ba hlweseditse kahodima ntlo, o ba patile katlasa dithupa tsa matakwane, tseo a di anehileng ka-hodima ntlo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Empa o ne a ba hlweseditse kahodima marulelo, a ba kwahetse ka ditlhaka tsa motsitla, tseo a neng a di adile hodima marulelo.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:6
17 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Mosadi wa hae a nka lesela, a le ala hodima sediba se sekoti, a aneha koro e tutsweng teng, hore ho se ke ha bonahala letho.


Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na?


Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.


Empa Josheba, moradi wa morena Jorame, kgaitsedi ya Akasia, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bana ba morena mohla ba bolawang, a mo pata kamoreng ya malao, e le yena le moanyesi wa hae; ba mo patela Athalia jwalo, a tle a se ke a bolawa.


Mosadi eo a emola, a tswala mora; eitse ha a bona hobane ke ngwana e motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo.


Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.


ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae;


Etlere ha o haha ntlo e ntjha, o tle o etse lehora le potang marulelo a hao, esere mohlomong ntlo ya hlahelwa ke molato wa madi a motho ya leng hodima yona, a wela fatshe.


Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.


Ka tumelo, Moshe, hobane a tswalwe, o kile a patwa ke baholo ba hae ka dikgwedi tse tharo, ha ba mmona hoba ke ngwana e motle, mme ha ba ka ba tshoha molao wa morena wa Egepeta.


Na le yena Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela, mme a di kgutlisa ka tsela esele na?


Etsware, ha ho kwalwa monyako wa motse ka shwalane, banna bao ba tswile; ha ke tsebe moo banna bao ba ileng teng. Ba phalleleng kapele, hobane le tla ba tshwara.


Banna ba motse ba ba phallela ka tsela ya Jordane, ho ya fihla madibohong; mme ha kwalwa monyako wa motse, ha ba ba phalletseng ba tswile.


Yare ba eso ho robale, a hlwella ho bona kahodima ntlo,


Joshua a pholosa Rahaba wa sehlola, le ntlo ya ntatae, le tsohle tseo e neng e le tsa hae; mme a tla, a aha Iseraeleng ho fihlela kajeno, kahobane o ne a pate manqosa a romilweng ke Joshua ho hlwela Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos