Nehemia 13:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)19 Jwale, eitse ha menyako ya Jerusalema e apeswa ke meriti, ha Sabatha e se e tla qala, ka laela hore menyako e kwalwe; ka laela hape hore e se ke ya boela ya bulwa, haese ha Sabatha e se e fetile; ka bea bahlanka ba bang ba ka menyakong, hore ho se kene phahlo le e nngwe ka tsatsi la Sabatha. Ver CapítuloBIBELE19 Eitse ha meriti ya mantsiboya e kwahela menyako Jerusalema, Sabatha se eso qalehe, ka laela hore menyako e kwalwe, mme e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela Sabatha se feta. Ka re ba bang ba bahlanka ba ka ba lebele menyako, hore ho se be letho le ka kenngwang ka letsatsi la Sabatha. Ver Capítulo |