Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa mosadi a nka banna ba babedi bao, a ba pata, mme a re: Efela ho tlile banna ha ka, mme ha ke a ka ka ba tseba hobane ke ba tswang kae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Mosadi eo a nka banna bao ba babedi, a ba pata, mme a re: “Ke nnete, banna ba babedi ba ile ba fihla mona ho nna, empa ke ne ke sa tsebe moo ba tswang teng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:4
9 Referencias Cruzadas  

Elisha a re ho bona: Ena hase tsela; hape hase wona motse; tloong le nna, ke tle ke le ise ho monna eo le mmatlang. Mme a ba isa Samaria.


Babelehisi ba re ho Faro: Ke kahobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta, hobane ke basadi ba hlaha, mme ere mmelehisi a eso fihle ho bona, ba be ba se ba belehile.


Na le yena Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela, mme a di kgutlisa ka tsela esele na?


Ebile morena wa Jeriko o romela ho Rahaba, a re: Ntsha banna ba tlileng ha hao, ba keneng tlung ya hao; hobane ba tlile ho qamakisisa lefatshe lohle.


Etsware, ha ho kwalwa monyako wa motse ka shwalane, banna bao ba tswile; ha ke tsebe moo banna bao ba ileng teng. Ba phalleleng kapele, hobane le tla ba tshwara.


Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.


Joshua a pholosa Rahaba wa sehlola, le ntlo ya ntatae, le tsohle tseo e neng e le tsa hae; mme a tla, a aha Iseraeleng ho fihlela kajeno, kahobane o ne a pate manqosa a romilweng ke Joshua ho hlwela Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos