Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:4 - BIBELE

4 Mosadi eo a nka banna bao ba babedi, a ba pata, mme a re: “Ke nnete, banna ba babedi ba ile ba fihla mona ho nna, empa ke ne ke sa tsebe moo ba tswang teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa mosadi a nka banna ba babedi bao, a ba pata, mme a re: Efela ho tlile banna ha ka, mme ha ke a ka ka ba tseba hobane ke ba tswang kae.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:4
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Elisha o re ho bona: “Tsela ena hase yona, le motse ona hase oona. Ntateleng, mme ke tla le isa ho motho eo le mmatlang.” Empa a ba isa Samaria.


Babelehisi ba re ho Faro: “Ke hobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta; bona ba a potlaka, mme ba beleha mmelehisi a eso fihle ho bona.”


Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele?


Yaba kgosi ya Jeriko e romela molaetsa ho Rahaba, e re: “Ntsha banna ba fihlileng ho wena, ba keneng ka tlung ya hao, hobane ba tlile mona ho tla hlahloba naha yohle.”


E ile yare ka nako eo ho kwalwang monyako wa lerako la motse ka yona, ha ho se ho le lefifi, banna bao ba tsamaya, ha ke tsebe hore na ba lebile kae; ba potlakeleng kapele, le tla ba tshwara.”


Motse o tla timetswa, hammoho le tsohle tse ka ho wona, hobane o tlasa thohako ya Morena. Ke Rahaba wa seotswa feela ya tla phela; yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o ne a pate baromuwa bao re neng re ba romile.


Joshua a pholosa Rahaba wa seotswa, le ba lelapa lohle la ntatae, le bohle bao a neng a ena le bona. O ntse a phela le Baiseraele ho fihlela kajeno, hobane o ne a ile a pata baromuwa bao Joshua a neng a ile a ba roma ho hlwela Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos