Bahlanka ba Absalome ba fihla ha mosadi eo, ba re: Ba kae boAkimaatse le Jonathane? Mosadi a re ho bona: Ba tshetse molatswana. Ba batla, ba se ke ba fumana letho, ba ba ba kgutlela Jerusalema.
Etsware, ha ho kwalwa monyako wa motse ka shwalane, banna bao ba tswile; ha ke tsebe moo banna bao ba ileng teng. Ba phalleleng kapele, hobane le tla ba tshwara.
Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.