Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.
Joshua 2:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bona mohla re kenang lefatsheng la lona, o ke o hokele kgwele ena ya lesika le lefubedu fensetereng eo o re theositseng ka sona; hape, o ke o bokelle ka ha hao ntatao, le mmao, le banabeno, le bohle ba ntlo ya ntatao. BIBELE Ha re fihla naheng ena, o tle o tlame kgwele e kgubedu ena fesetereng eo o re lepeleditseng ho yona, mme o bitse ntatao, le mmao, le bana beno, le bohle ba lelapa leno, ba phuthehele mona ha hao, ka tlung ena. |
Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.
Jehova a re ho Nowe: Kena arekeng, wena le ba ntlo ya hao kaofela, hobane ke o bone o lokile pela ka lelokong lena.
hobane nka itiisa ho tadima kotsi e tla hlahela setjhaba sa heso, mme nka tiisa jwang ho tadima tshenyeho ya ba mofuta wa heso?
Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.
Melomo ya hao eka tshwele ya karmine; molomo wa hao o a kgahleha; marama a hao eka dipatsolo tse pedi tsa kharanata kamora lesira la hao.
moprista o tla laela hore ya tshwanetseng ho itlhatswa, a tlisetswe dirobele di le pedi di sa utlwa, tse hlwekileng, le lehong la kedare, le krimsone, le hisopa.
Moprista o tla nka patsi ya kedare, le hisopa, le purepera, mme o tla di lahlela kahara mollo o tjhesang sethole.
Hodima ntho tseo tsohle, ba tla ala lesela le krimsone, ba ntoo e kwahela ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya ho yona mejaro ya yona.
Jesu a re ho yena: Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enwa le yena ke mora wa Abrahama.
A kena le yena, ba ntse ba bua hammoho, mme a fihlela batho ba bangata ba phuthehetse teng.
Ke ka baka leo ke phakisitseng ka romela ho wena; o entse hantle ha o tlile. Jwale, re dutse mona kaofela kapela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona.
Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.
Morena a ke a hauhele ntlo ya Onesifore; hobane o ntshedisitse hangata, mme ha a ka a ntlhabelwa ke dihlong ka baka la mahlaahlela a ka;
Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,
A re: Ho be jwalokaha le boletse. Yaba o a ba kgutlisa, ba ikela. Mme a hokela kgwele e kgubedu fensetereng.
Bahlankana ba neng ba ile ho hlwela, ba kena, ba ntsha Rahaba le ntatae, le mmae, le banababo, le tsohle tsa hae; ba ntsha le ba habo kaofela, ba ba isa kantle ho diahelo tsa Iseraele.
Joshua a pholosa Rahaba wa sehlola, le ntlo ya ntatae, le tsohle tseo e neng e le tsa hae; mme a tla, a aha Iseraeleng ho fihlela kajeno, kahobane o ne a pate manqosa a romilweng ke Joshua ho hlwela Jeriko.