Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bahlankana ba neng ba ile ho hlwela, ba kena, ba ntsha Rahaba le ntatae, le mmae, le banababo, le tsohle tsa hae; ba ntsha le ba habo kaofela, ba ba isa kantle ho diahelo tsa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Bahlankana ba dihlwela ba ya, ba tla le Rahaba, le ntatae, le mmae, le bana babo, le bohle bao a neng a ena le bona. Ba ntsha le ba malapa wohle a bang ka yena, ba ba bea kantle ho diahelo tsa Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:23
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


Ekaba ba lokileng ba mashome a mahlano ba teng motseng; hleka o ka timetsa motse, o sa o baballe ka baka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ho wona na?


E ne eitse ha Modimo o timeletsa metse ya lehwatata, Modimo wa hopola Abrahama, mme wa phonyosa Lota tshenyong eo o sentseng ka yona metse eo Lota a neng a ahile ho yona.


Haele lona, salang ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng; bohle ba ho lona ba bolaileng motho le bohle ba amileng setopo, ba tle ba itlhatswe ka la boraro le ka la bosupa, bona hammoho le batshwaruwa ba bona.


A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka.


la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.


Hobane ke na le taba efe kahlolong ya ba kantle? Haele ba kahare, na ha le ba ahlole na?


mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


Ka tumelo, Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a timela le ba sa dumelang, hobane o ne a amohele dihlwela ka kgotso.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


ya hore le tla pholosa ntate, le mme, le banabeso, le dikgaitsedi, le tsohle tsa bona, le namolele ho phela ha rona lefung.


A re ho bona: Ikeleng thabeng, esere mohlomong ba phaletseng ba kgahlana le lona; le ipate teng matsatsi a mararo, ba phaletseng ba be ba boye, le ntoo ya ka tsela ya lona.


Bona mohla re kenang lefatsheng la lona, o ke o hokele kgwele ena ya lesika le lefubedu fensetereng eo o re theositseng ka sona; hape, o ke o bokelle ka ha hao ntatao, le mmao, le banabeno, le bohle ba ntlo ya ntatao.


Eitse hobane a ba supise moo motse o ka kenwang, ba bolaya ba motse ka bohale ba lerumo, ba mpa ba hauhela motho eo le bohle ba ntlo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos