Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Joshua a bolella banna ba babedi ba neng ba ile ho hlwela lefatshe, a re: Kenang tlung ya mosadi eo wa sehlola, le ntshe teng mosadi eo, le tsohle tsa hae, jwalokaha le mo anetse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ho banna ba babedi, ba neng ba rometswe ho ya hlwela naha, Joshua a re: “Eyang tlung ya seotswa, le tle le mosadi eo, le bohle bao a nang le bona, jwalokaha le ile la mo hlapanyetsa.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:22
13 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o mema ba Gibeone, a bua le bona. Ba Gibeone e be e se ba bana ba Iseraele, e ne e le ba setseng ba Baamore; Baiseraele ba ne ba ba hlapanyeditse pholoho, Saule a mpa a rata ho ba bolaya, ka ho tjhesehela bana ba Iseraele le Juda.


Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.


Mahlong a hae motho ya nyatsehang ke ya kgopo, empa o hlonepha batho ba tshabang Jehova. Leha a hlapantse, a ke ke a kweneha, leha e ka ba tshenyehelo ho yena;


A ntoo nka e mong wa lesika la borena, a hlaba selekane le yena, a ba a mo antsha; a tlosa dinatla tsa naha,


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.


Ka tumelo, Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a timela le ba sa dumelang, hobane o ne a amohele dihlwela ka kgotso.


Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.


Bahlankana ba neng ba ile ho hlwela, ba kena, ba ntsha Rahaba le ntatae, le mmae, le banababo, le tsohle tsa hae; ba ntsha le ba habo kaofela, ba ba isa kantle ho diahelo tsa Iseraele.


Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.


Eitse hobane a ba supise moo motse o ka kenwang, ba bolaya ba motse ka bohale ba lerumo, ba mpa ba hauhela motho eo le bohle ba ntlo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos