Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Leha e le mang le mang ya tla tswela kantle ho menyako ya ntlo ya hao, madi a hae a tla ba hodima hlooho ya hae; moo etlaba ha re na molato; mme leha e le mang le mang ya tla ba le wena ka tlung, madi a hae a tla ba hodima dihlooho tsa rona, ha a ka tswa kotsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Mang kapa mang ya tla tswela seterateng, kantle ho ntlo ya hao, ke di-bonwa-ke-yena, mme ha re na ho ba le molato. Empa mang kapa mang ya tla ba le wena ka tlung, ha a ka bolawa, madi a hae a tla botswa ho rona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:19
23 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Ke tla etsa jwalo hakakang ka lona, banna ba babe, ha le bolaile motho ya lokileng, tlung ya hae, a robetse diphateng tsa hae; ke tla batla madi a hae jwale matsohong a lona, ke le fedise lefatsheng!


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.


Le nke sehlotshwana sa hisopa, le e qopetse mading a mokekaneng; le foke sefate se hodimo le dikosene tsa menyako ka madi a leng mokekaneng; ho se ke ha tswa motho ka monyako wa ntlo ya hae ho fihlela hosasa.


Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.


Ekare ha e mong a feba le mosadi wa ntatae, eba o apotse bofeela ba ntatae: ba tla bolawa ba babedi, mme madi a bona a tla ba hodima bona.


Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.


ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae;


Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.


Ka baka leo, ke le pakela kajeno hobane ha ke na molato mading a lona bohle.


Yaba Pauluse o re ho molaodi wa lekgolo le ho bahlabani: Ekare ha bao ba sa dule sekepeng, le ke ke la pholoha.


mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;


ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!


Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,


Banna bao ba re ho yena: Ho phela ha rona, ho ke ho neelwe lefu bakeng sa lona! Ha le sa hlahise taba ena ya rona, etlare ha Jehova a se a re neile lefatshe, ruri re tla o etsa ka botle le ka nnete.


Empa ha o ka tumisa taba ena ya rona, etlaba re lokolohile kanong ya hao eo o re antshitseng ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos