Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Timothea 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Morena a ke a hauhele ntlo ya Onesifore; hobane o ntshedisitse hangata, mme ha a ka a ntlhabelwa ke dihlong ka baka la mahlaahlela a ka;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Morena a ke a sitse ba lelapa la Onesiforose ka mohau wa hae, hobane ka makgetlo o ile a nkgatholla, mme ha a a ka a hlajwa ke dihlong ka baka la ho ba ditlamong ha ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Morena a hauhele ba ntlo ya Onesiforase; hobane o nkhopolotse hangata, mme ha a ka a hlajwa ke dihlong ka diketane tsa ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Morena a hauhele ba ntlo ya Onesiforase; hobane o nkhopolotse hangata, mme ha a ka a hlajwa ke dihlong ka diketane tsa ka.

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 1:16
27 Referencias Cruzadas  

Jehova a le etse jwalo ka mohau le ka nnete; le nna ke tla le etsetsa molemo, kahobane le entse hoo.


Oho, Modimo wa ka, o nkgopole ka baka la tseo, mme o se hlakole diketso tsa borapedi tseo ke di etseditseng ntlo ya Modimo wa ka le ntho tse tshwanetseng ho bolokwa!


Hape, ka bolella Balevi hore ba itlhwekise, mme ba tle ho lebela menyako, hore tsatsi la Sabatha le tle le kgethwe. Oho, Modimo wa ka, nkgopole le tabeng ena, mme o nkgauhele ka boholo ba mohau wa hao!


ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!


Oho, Modimo wa ka, elellwa tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena, o nketse hantle ka baka la tsona!


Ya molemo o mo etsetsa molemo; monna ya lokileng o mo etsa ka ho loka;


o fana kamehla, o bile o a adima, mme hlohonolofatso e dutse hodima ditloholo tsa hae.


Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang.


Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.


Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauhelwa.


Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; a ntoo botsa hobane ke mang, le hoba seo a se entseng keng?


Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona le ho bua le lona; hobane ke tlamilwe ka lehlaahlela lena ka baka la tshepo ya Iseraele.


Hobane ba kgatholotse pelo ya ka le tsa lona; hlokomelang batho ba jwalo.


eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.


Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.


empa mohla a fihlang Roma, o mpatlile ka mafolofolo, a ba a mphumana.


Morena a mo fumanise mohau pela Morena, ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntshebeleditseng Efese ka tsona, di tsejwa ka ho fetisisa ke wena.


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna ke leng moholehuwa wa hae, empa o inkele kabelo bohlokong ba Evangeli ka matla a Modimo,


Dumedisa Priska le Akila, le ba ntlo ya Onesifore.


E, ngwaneso, a nke ke thabiswe ke wena Moreneng, o kgatholle pelo ya ka ho Kreste.


Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.


Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.


Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.


Ebile Naomi o re ho dingwetsi tsa hae tse pedi: Kgutlang, le ipoelle e mong le e mong tlung ya mmae; Jehova a le etse ka mohau, kamoo le etseditseng nna kateng, le ba shweleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos