Joshua 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Manasse a fuwa naha ya Thappua, empa Thappua, naheng ya Manasse, ke wa bana ba Efraime. BIBELE Naha ya Tapua e ne e le ya Manase, athe motse wa Tapua o neng o le moeding wa Manase, wona e ne e le wa bana ba Efraime. |
Nqa bophirimela, moedi o tloha Tappua ho leba nokeng ya Kana, mme o ya fella lewatleng. Ke leo lefa la leloko la bana ba Efraime, ka matlo a bona.
Moedi wa Manasse o tloha Asere ho isa Mikmethathe o pela Sikeme; moedi o ntoo leba ka ho le letona ho fihla moo ho ahileng ba Ene-Thappua.