Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Moedi wa Manasse o tloha Asere ho isa Mikmethathe o pela Sikeme; moedi o ntoo leba ka ho le letona ho fihla moo ho ahileng ba Ene-Thappua.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Moedi wa naha ya Manase o ne o tloha Ashere ho ya fihla Mikemetate, ka botjhabela ho Shekeme, ebe o thinyetsa ka letsohong le letona ho leba naheng ya baahi ba Ene-Tapua.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 17:7
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.


Banababo ba tsamaya ho ya alosetsa dinku tsa ntata bona Sikeme.


Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.


Kamora tseo, Roboame a ya Sikeme, hobane Baiseraele bohle ba ne ba bokanetse Sikeme ho mmea morena.


Haele Jeroboame, a aha Sikeme, thabeng ya Efraime, a dula teng. A ntoo tloha, a ya aja Peniele.


Ba ba nea metse ya setshabelo: ke Sikeme, thabeng ya Efraime, le mathoko a teng; le Gesere ka mathoko a teng,


Modimo o boletse sehalalelong sa wona, wa re: Ke tla hlola! Ke tla arola Sikeme, ke lekanye sekgutlo sa Sukkothe.


hobane baradi ba Manasse ba kile ba newa lefa hammoho le bara ba hae; bara ba Manasse ba bang ba newa lefatshe la Gileade.


Manasse a fuwa naha ya Thappua, empa Thappua, naheng ya Manasse, ke wa bana ba Efraime.


Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda.


Ba newa Sikeme le meraka ya wona, thabeng ya Efraime, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Gesere le meraka ya wona,


Ebile Joshua o phuthela meloko yohle ya Iseraele Sikeme, a bitsa le baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le matona a bona. Ba itlhahisa pela Modimo.


Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.


Abimeleke, mora Jerubbaale, a ya Sikeme ho bomalomae, mme a bua le bona, a bua hape le bohle ba ntlo ya ntata mmae, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos