Kamora tseo, ntwa ya lwana le Bafilesta Gesere; teng Sibekkai Mohusha a bolaya Sippai, e mong wa bana ba Barefaime; mme teng ba kokobetswa.
Joshua 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Nqa bophirimela, o theohela moeding wa Bajaflethe, ho isa moeding wa Bethe-Horone ya katlase, le ho leba Gesere; o ntoo ya fella lewatleng. BIBELE Moedi wa theohela bophirimela, ho ya fihla naheng ya Bajafelete, le moeding wa Bete-Horone e tlase, le ho ya fihla Gesere, wa ya fella lewatleng. |
Kamora tseo, ntwa ya lwana le Bafilesta Gesere; teng Sibekkai Mohusha a bolaya Sippai, e mong wa bana ba Barefaime; mme teng ba kokobetswa.
Moradi wa hae ke Sheera, ya ileng a haha Bethe-Horone ya katlase, le Bethe-Horone ya kahodimo, le Ussene-Sheera.
Fatshe la bona le neng le ruilwe ke bona le madulo a bona e ne e le Bethele le metsana ya teng, le Naarane ka nqa botjhabela, le Gesere nqa bophirimela le metsana ya teng; Sikeme le metsana ya teng, ho ya fihla Gasa le metsana ya teng;
A haha Bethe-Horone ya kahodimo le Bethe-Horone ya katlase, e le metse ya diqhobosheane, e nang le marako le mamati le mekwallo;
Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.
Yaba Horame, morena wa Gesere, o tla ho tlatsa Lakishe; empa Joshua a mmolaya le batho ba hae, a se ke a mo siela motho le a mong.
Moedi ha o tloha teng, o leba Luse; haufi le Luse ke Bethele, nqa borwa; moedi o ntoo theosetsa Atharoth-Addare, haufi le thaba e nqa borwa ho Bethe-Horone ya katlase.
hlopha se seng sa nka tsela ya Bethe-Horone, mme se seng sehlopha sa nka tsela ya ho ya naheng e mabapa le sekgutlo sa Tseboime, pela nahathothe.