Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 34:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “ ‘Ka bophirimela moedi wa lona e tla ba Lewatle le Leholo, le lebopo la lona. Ona e tla ba wona moedi wa lona ka bophirimela.

Ver Capítulo Copiar




Numere 34:6
12 Referencias Cruzadas  

Batshwasi ba dihlapi ba tla ema teng; ho tloha Ene-Gedi, ho isa En-Eglaime, ke moo ho tla alwa matlowa. Dihlapi tsa teng e tla ba tse mefutafuta, jwaloka dihlapi tsa Lewatle le Leholo; di tla ba ngata.


Meedi ya lefatshe leo ke ena: Ka nqa leboya, moedi o ya tloha Lewatleng le Leholo, ho leba ka nqa Hethlone, le ho ya Tsedade;


Ka nqa bophirimela, ke Lewatle le Leholo, ho tloha moeding o maloka le tsela ya Hamathe. Ke oo moedi ka nqa bophirimela.


ho tloha Atsmone, o tla pota ho isa molapong wa Egepeta, mme o kene Lewatleng.


Moedi wa lona, ka nqa leboya, e tla ba ona: O tla tloha Lewatleng le Leholo, mme le tla o fihlisa thabeng ya Hore;


le naha yohle ya Nefthali, le naha ya Efraime, le ya Manasse, le naha yohle ya Juda, ho isa Lewatleng la Bophirimela,


ho tloha lefeelleng le Lebanone ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate, fatshe lohle la Bahethe, le ho ya fihla Lewatleng le Leholo, ka nqa bophirimatsatsi; ke yona naha ya lona.


Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng.


Haele moedi wa nqa bophirimela, e ne e le Lewatle le Leholo ka lebopo la lona. Ke oo moedi wa bana ba Juda ka nqa tsohle, ka matlo a bona.


Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona.


Bonang, ke le laoletse naha ya ditjhaba tsena tse setseng e tle e be lefa la meloko ya lona, ho tloha Jordane, le ya ditjhaba tsohle tseo le di timeditseng, ho isa Lewatleng le Leholo, nqa bophirimela.


Ebile marena wohle a mose o kwano ho Jordane, a dihlabeng le mahwatateng, ho isa le mabopong wohle a Lewatle le Leholo, mabapa le Lebanone, marena a Bahethe, le a Baamore, le a Bakanana, le a Baferese, le a Baheve, le a Bajebuse, ha a utlwa taba tsena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos