Joshua 15:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure; BIBELE Karolong ya naha ya morabe wa bana ba Juda, metse e holehole ho ya moeding wa Edomo, ka borwa, e ne e le Kabeseele, le Edere, le Jagure, |
E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora mohale e mong wa Kabtseele; a ba moholo ka diketso tsa hae. A bolaya tau tse pedi tse matla tsa Moabe; a boela a theoha, a bolaya tau e nngwe lemeneng, mohla lehlwa le kgethehang.
Haele tsa metse le masimo a yona, bana ba Juda ba bang ba kile ba aha Kiryath-Arba le metseng ya teng, le Dibone le metseng ya teng, le Jekabtseele le metseng ya teng,
le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane. Le ba naheng ya Tire le Sidone, yare ha ba utlwa tse kgolo tseo a di etsang, ba tla ho yena ba le bangata haholo.
Karolo ya bobedi ya laolelwa Simeone, ke ho rea, leloko la bana ba Simeone ka matlo a bona; lefa la bona la eba hara lefa la bana ba Juda.