Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 15:21 - BIBELE

21 Karolong ya naha ya morabe wa bana ba Juda, metse e holehole ho ya moeding wa Edomo, ka borwa, e ne e le Kabeseele, le Edere, le Jagure,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 15:21
8 Referencias Cruzadas  

Iseraele a tswela pele leetong la hae, a hloma tente ya hae ka nqane ho Tora ya Dinku.


Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng ya etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya banna ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.


Ba ne ba ahile Beeresheba le Molada, le Hasere-Shuale,


Ba bang ba ditloholo tsa Juda ba ne ba ahile metseng le mathokong a yona, e leng Kiriate-Areba le metsaneng ya yona, le Dibone le metsaneng ya yona, le Jekabesele le metsaneng ya yona,


le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena.


Lena ke lona lefa la morabe wa bana ba Juda, ho ya ka malapa abo bona.


le Kina, le Dimona, le Adada,


Jwale ha tswa lotho la bobedi, la bana ba morabe wa Simeone, ho ya ka malapa abo bona. Naha ya bona e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos