Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane. Le ba naheng ya Tire le Sidone, yare ha ba utlwa tse kgolo tseo a di etsang, ba tla ho yena ba le bangata haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 le le tswang Jerusalema, le Idumea, le mose ho Jorodane, le dibakeng tsa Tire le Sidone, ha le utlwa tsohle tseo a di etsang, la tla ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane; le mathoko a Tire le Sidone, ha le utlwa tse kgolo tseo a di etsang, la tla ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane; le mathoko a Tire le Sidone, ha le utlwa tse kgolo tseo a di etsang, la tla ho yena.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 3:8
18 Referencias Cruzadas  

Moradi wa Tire o tla o nyehela, ba baholo hara setjhaba ba o ananele.


Hara ba ntsebang ke tla bala Egepeta le Babilona; Filestia ke eo le Tire, le Ethiopia; di tswaletswe teng.


Hobane lerumo la ka le tahilwe lehodimong; bonang, le tla theohela hodima Edomo le hodima setjhaba seo ke se neetseng thohako.


Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!


Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.


Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela.


Ha a tloha moo, Jesu, a ya naheng ya Tire. A kena tlung e nngwe, a sa rate ho tsejwa ke motho, a mpa a sitwa ho ipata;


A boela a tloha naheng ya Tire, a leba nqa lewatleng la Galelea ka la Sidone, a haola naha ya Dekapolise.


Ha a theohile le bona, a ema lehwatateng le bongata ba barutuwa ba hae, le batho ba bangata ba setjhaba ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le mathokong a lewatle la Tire le Sidone, ba neng ba tlile ho mo utlwa le ho fodiswa malwetse a bona;


Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.


Metse e phethellang naha ya leloko la bana ba Juda, moeding wa Edomo, nqa borwa, ke Kabtseele, Edere, Jagure;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos