Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.
Joshua 15:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa. BIBELE Naha eo bana ba morabe wa Juda, ho ya ka malapa abo bona, ba ileng ba e abelwa ka lotho, e ne e fihla moeding wa Edomo, le ho ya fihla ka borwa ho lehwatata la Sine, qetheng ya karolo e ka borwa. |
Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.
Mohlang oo, Salomone a etsa mokete a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata pela Jehova, Modimo wa rona, ho tloha pela Hamathe ho tlisa molapong wa Egepeta, ka matsatsi a supileng a nang le matsatsi a mang a supileng, e le matsatsi a leshome le metso e mene.
Ka nqa borwa, ho leba nqa tlase, moedi o tla tloha Thamare ho isa metsing a Meribothe-Kadeshe, o ye le nokana, mme o lebe ka nqa Lewatleng le Leholo. Ke oo moedi ka nqa borwa, ka nqa katlase.
Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao.
le Jerusalema, le Idumea, le mose wane wa Jordane. Le ba naheng ya Tire le Sidone, yare ha ba utlwa tse kgolo tseo a di etsang, ba tla ho yena ba le bangata haholo.
kahobane le ntshitetswe hara bana ba Iseraele, metsing a Meriba a Kadeshe, nahathotheng ya Tsine, kamoo le sa kang la ntlotlisa kateng, hara bana ba Iseraele.
lefa leo la meloko e robileng monwana o le mong le la mothapo o mong wa leloko le leng, la laolwa ka lotho, jwalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.
Moedi wa bona nqa borwa o ne o tloha phellong ya Lewatle la Letswai, koung e lebileng borwa,
Ba tla e arola dikarolo tse supileng. Bajuda bona ba tla dula naheng ya bona nqa borwa; ba ntlo ya Josefa le bona ba dule naheng ya bona nqa leboya.