Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.
Joshua 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Joshua o tloha Gilgale, a ya le bahlabani bohle le bahale bohle. BIBELE Joshua a nyoloha Gilegale, a ena le bahlabani bohle, le banna bohle ba bahale. |
Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.
E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.
Yaba banna ba Gibeone ba romela ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re: O se ke wa tlosa letsoho la hao ho bahlanka ba hao; tloo ho rona kapele, o re namolele, o re thuse; hobane marena wohle a Baamore a ahileng dithabeng a re bokanetse ho re lwantsha.
Yaba Jehova o re ho Joshua: Se tsohe, mme o se ke wa tepella; eya o nkile le wena bahlabani bohle, o tlohe, o futuhele Ai; bona, ke neetse matsohong a hao morena wa Ai, le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le lefatshe la hae.
Ebile Joshua o tloha, a ya le bahlabani bohle ho ya futuhela Ai; Joshua a kgetha banna ba bahale, ba kete tse mashome a mararo, a ba roma bosiu.