“Sohle seo tjhaba sena se reng ke bohlabaphiyo, wena se ka re ke bohlabaphiyo; se ka tshaba se tshajwang ke tjhaba sena, o se ka tshoswa ke se se tshosang.
Ke yena eo e tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele, ke yena lejwe le tla ba kgopa, ke yena lefika le tla ba thula, ho baahi ba Jerusalema e be sefi, e be leraba.
Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua, diahelong tsa hae Gilegale, ba re: “O se ke wa phutha matsoho a hao, wa lahla bahlanka ba hao; nyolohela ho rona kapele, o tlo re thusa, mme o re pholose. Dikgosi tsohle tsa Baamore tse phelang naheng e maralla di re dikanetse.”
Morena a re ho Joshua: “Se tshabe, mme o se ke wa nyahama pelo. Nka bahlabani bohle, o ye motseng wa Ai. Bona, ke neelane ka kgosi ya Ai matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le naha ya hae.
Yaba Joshua o tsamaya jwalo, a ena le bahlabani bohle, o ya Ai. Joshua a kgetha mokgetho wa dinatla tsa bahale ba dikete tse mashome a mararo, mme ba futuha hara bosiu.