Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ke yena eo e tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele, ke yena lejwe le tla ba kgopa, ke yena lefika le tla ba thula, ho baahi ba Jerusalema e be sefi, e be leraba.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 8:14
24 Referencias Cruzadas  

O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)


Tafole ya bona a e ke e ba fetohele lemena le sefi boiketlong ba bona!


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


Hobane o bile setshabelo sa ya fokotseng, le qhobosheane ya ya madimabe matswalong a hae, le tshirelo mohla sefefo, le leswiti ha ho tjhesa letsatsi; hobane moya wa bahlorisi o ne o tle jwaloka sefefo se thulanang le lerako.


Eya setjhaba sa ka, kena kamoreng ya hao, o kwale monyako kamora hao! O ipate ho se hokae, ho fihlela kgalefo e feta.


Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.


Ho tla ba le tente e sirelang ho tjhesa ha kganya ya motshehare, e be setshabelo le tshirelo difefong le puleng.


Re sika le lerako ka ho phopholetsa jwaloka difofu, re phopholetsa jwaloka hola re se na mahlo; re kgoptjwa motshehare jwaloka hoja e le bosiu; leha re le makgulong a nonneng, re tshwana le bafu.


Empa ngwana ha a eso ho tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle, lefatshe leo o tshabang marena a lona a mabedi, le tla senyeha.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya beela setjhaba sena dikgopiso; banna le bana hammoho ba tla kgoptjwa ho tsona; motala wa teng le motswalle wa hae ba tla timela.


Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Morena Jehova o re: Leha ke ba lahletse hara ditjhaba, ke ba qhalanyeditse dinaheng, ho bona ke tla mpe ke be sehalalelo ka motsotso o se o kae dinaheng tseo ba ileng ho tsona.


Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Mme ba kgoptjwa ho yena. Empa Jesu a re ho bona: Moporofeta ha a hloke hlompho haese naheng ya habo le tlung ya hae.


Ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha, mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


hobane le tla wela ba ahileng lefatsheng lohle jwaloka sefi.


Kapa ke mang ya mo fileng pele, ho tle ho busetswe ho yena?


Ebile Joshua o tloha Gilgale, a ya le bahlabani bohle le bahale bohle.


Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos