Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Le se ke la re phetohelo hohle moo setjhaba sena se reng phetohelo; le se ke la tshaba seo setjhaba sena se se tshabang, le se ke la tshoha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Sohle seo tjhaba sena se reng ke bohlabaphiyo, wena se ka re ke bohlabaphiyo; se ka tshaba se tshajwang ke tjhaba sena, o se ka tshoswa ke se se tshosang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 8:12
13 Referencias Cruzadas  

Empa Jehova, Modimo wa lona, ke yena eo le tshwanetseng ho mo tshaba: ke yena ya tla le namolela matsohong a bohle bao e leng dira ho lona.


Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.


Ho madimabe bana ba ithatafatsang, ho bolela Jehova, ba rerang taba, empa e seng ka nna, ba etsang dilekane, empa e seng ka moya wa ka, ba tle ba eketse sebe hodima sebe;


Mohla le utlwang dintwa le meferefere, le se ke la tshoha; hobane tseo di tshwanetse ho hlaha pele, empa le moo, bofelo bo ke ke ba hlaha kapele.


Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.


Ebile Joshua o tloha Gilgale, a ya le bahlabani bohle le bahale bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos