La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jonase 1:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.

Ver Capítulo



Jonase 1:17
8 Referencias Cruzadas  

Modimo wa etsa dihlapi tsa ditonana, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.


Yaba Jehova o laela hlapi, ya hlatsetsa Jonase lebopong.


Mme Modimo Jehova a medisa monyaku, wa hola, wa okamela Jonase, hore o etsetse hlooho ya hae moriti, o mo tlose bohloko bo ho yena.


Jehova, ke utlwile taba tsa hao, ke bile ke tshohile! Jehova, mosebetsi wa hao o ke o o hlahise mahareng a dilemo; mahareng a dilemo o o bonahatse! Kgalefong, o hopole ho hauhela!


Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela.


Hobane jwalokaha Jonase e bile mohlolo ho ba Ninive, Mora motho le yena o tla ba jwalo, ho moloko wona.